Tlhaho Ya Ngwana

Tlhaho ya ngwana , e tsejwang hape e le ho belehwa ha ngwana, ke pheletso ya boimanaya lesea le le leng kapa masea a fetangho tswa popelong yamosadi Ka 2015 ho bile le ho hlaha ha bana ba dimilione tse 135 lefatshe ka bophara.

Ba ka bang dimilione tse 15 ba ne ba hlaha pele ho dibeke tse 37 tsa boimana,ha ba mahareng 3% ho isa ho12% ba ile ba hlaha ya dibeke tse 42 Dinaheng tse tse tswetseng peleboholo ba ho belehwa ha masea ho ne ho etsahala sepetlele,ha dinaheng tse tswelang pele tsa lefatsheboholo ba ho belehwa ha masea ho ne ho etsahala hae ka tshehetso ya mmelehisi wa setso

Tlhaho ya ngwana
Tlhophiso le mehlaodi ya kantle
Newborn infant and mother
Newborn infant and mother
Newborn infant and mother
Tlhaho Ya Ngwana
Tlhaho ya ngwana (Cameroon).

Tlhaho ya masea e tlwaelehileng haholo ke ke ho belehwa ha tsel a tlhaho Ho kenyeletse mekgahlelo e meraro ya ho beleha:kgutsofatsoleho buleha ha ha molomo wa popelo, ho theoha le ho hlaha ha ngwana, ho tswa kamohlaneng Mokgahlelo wa pele ha e le hantle o nka diroha tse leshome le metso e mmedi ho isa ho tse leshome le metso e robong, mokgahlelo wa bobedi o nka metsotso e mashome a mabedi ho isa dihoreng tse pedi, mme mokgahlelo wa boraro o nka metsotso e mehlano ho isa ho e mashome a mararo. Mokgahleo wa pele o qala ka mahlaba ka maleng kapa mahlaba mokokotlong a nkang ho etsang halofo ya motsotso mme a ba teng hape metsotso e meng le e meng e leshome ho isa ho e mashome a mararo. Mahlaba a matlafala mme a atamelana ha nako e ntse e ya. Nakong ya mokgahlelo wa bobedi ho sututswa le ho honyela ho kanna ha etsahala. Mokgahleloong wa boraro ho diehitswa ha ho kgaoha ha lelana le hokahantseng lesea le mmalona ka popelong Mekgwa e mengata e ka thusa ka lehlaba jwalo ka ditsela tsa ho hlephisa,sethethefatsi sa opoiods, le(di)sethibela mokokotlo (spinal bloc)

Boholo ba masea bo pepuwa ka ho hlahisa hloho pele; leha ho le jwalo ho ka etsang 4% a pepuwa ka ho hlahisa maoto kapa maraopele, ho tsejwang e le ho pepa ha breechbreech Nakong ya ho pepa ka kakaretso basadi ba kanna ba ja le ho sisinyeha ka moo ba ratang ka teng, ho sututsa ha ho a kgothaletswa nakong ya mokgahlelo wa pele kapa nakong eo hloho e hlahang, le tshebetso ya ho tshela sephalli ka mohlamung (enema) Ho seha ho bula lesobabosading, ho bitswang, episiotomy, e tlwaelehile empa ka kakaretso ha e hlokahale. Ka 2012, ho ka etsang dimilione tse 23 tsa ho pepa di entswe ka opareishene e bitswangCaesarea section Caesarean sections di kanna tsa kgothaletswa bakeng samafahla,matshwao a mang bontshang kotsi leseeng kapa ho hlaha ha lesea ka karolo e nngwe ntle le hlooho. Mokgwa ona wa ho beleha o kanna wa nka nako e teletsana ho fola.

Selemo se seng le se seng mathata a boimana le ho hlaha ha ngwana ho baka ho ka etsang 500,000ha mafu a batswetse, dimilione tse 7 tsa basadi ba ba le mathata a nako e telele, le dimilione tse 50 tsa basadi di ba le sephetho se sebe maphelng a bona se bakwang ke ho beleha. Boholo ba ona bo hlaha dinaheng tse ntseng di tswela pele Mathata a ikgethang a kenyeletsa ho beleha ho sitisehileng,, tahlehelo ya madi nakwana ka mora ho beleha (postpartum bleeding),mathata a nang le matshosetsi bophelong a bakwang ke boimana(eclampsia), letshwaetso ka mora ho beleha Mathata leseeng a kenyeletsaho fellwa ke oksejene nakong ya ho belehwa (asphyxia)

Ditshupu

Tags:

Boimana

🔥 Trending searches on Wiki Sesotho:

MoscowFeberuZimbabweDijoDukatholeAustraliaRephabliki ya Demokrasi ya KongoWarsawSetereke sa MaseruSudanBoloetse ba kokwanahloko ya EbolaMarena a LesothoNkweAdolf HitlerBeogradBaahiMoshoeshoe IHôlanêTlhaho ya ngwanaPieter de LangeLoerie, KougaSewa se seholoHo ntsha mpa ho entsweng ka maikemisetsoHo tswa madiSão Tomé and PríncipeJeremaneTallinnLatviaPulaBaskin-RobbinsJoe BidenNamibiaViola MotsumiSe-dutchMasepala oa Lepelle-NkumpiAlgeriaVlamertingeEsaiaMorungSesothoLehloyo la batho ba ratanang le ba bong bo tshwanangMantahaMohlakaseHo ngola leqephe le lechaTaolo ya PelehiMaadingwa?MoldovaSontahaLaboneSpainCreampieEgepetaBrazilKoloiSouthwell, Kapa BotjhabelaGabasheane MasuphaShebeshxt🡆 More