bushra Razack

Bushra Razack ke setsebi sa ntshetsopele ya setjhaba sa Afrika Borwa mme hape eboetse ele moemedi wa phetoho le thuso ya botho e ikgethileng ka ho buisana le bankakarolo.

Bushra Razack

bushra Razack 
Bushra Razack

O hlahetse porofinseng ya Kapa Bophirimela, Afrika Borwa mme a kena sekolo se phahameng Ladysmith, Kwazulu-Natala moo a ileng a etsa sehlopha sa leshome ka 2003.

Tsa kgolong ya hae

bushra Razack 
Philippi Village

Bushra o hotse le bana ba bang ba 70 lehaeng la dikgutsana mme ho tloha bonyenyaneng o ile a ithuta bohlokwa ba ho kgutlisa kapa hona ho nehela. Ke sengodi- mmoho sa  buka e bitswang, 'Rescue Mission', eo eneng ele enngwe ya dibuka tsa tlhahlobo ya batjha ya  Dipakane tsa Ntshetso-pele tsa Millennium tsa Matjhaba a Kopaneng tse hlahisitsweng Sebokeng sa Lefatshe sa Ntshetso-pele ya Moshwelella , motsemoholo Johannesburg, Afrika Borwa. Mosebetsi wa hae le Peace Child , mokgatlo wa diphallelo o sebetsang ho matlafatsa batjha ka tswelopele e etelletsweng pele ke batjha le ho fokotsa bofuma, o ile wa mo isa dinaheng tse kang Morocco, Egepeta, Serbia, India, Canada le Scotland nakong eo a ntse a le sekolong. Ka mora dithuto tsa hae o ile a qeta dilemo tse tharo a ntse a etsa maano a ho fana ka ditshebeletso bakeng sa dipetlele tsa tlhokomelo ya mahlo Kenya le Cameroon . Phihlelo ya hae lefapheng la ntshetso e kenyelletsa ho sebetsa le Standard Chartered Bank le morero wa bona WA lefatshe wa Seeing is Believing, CBM, UNOCHA (Ofisi Ya Matjhaba a Kopaneng bakeng sa Kgokahanyo ya Merero ya Botho), le Right to Sight International (Tshebedisano pakeng tsa Mokgatlo wa Lefatshe wa Bophelo le Mokgatlo wa Matjhaba) wa Thibelo ya Bofofu. Bushra o fumana kgothatso ho tswa setjhabeng seo a sebetsang le sona tulong tse kang Mitchells Plain, Cape Flats le Philippi profinseng ea Kapa Bophirima Afrika Borwa .Ha jwale ke CEO ya Philippi Village e fumanwang Philippi , e leng setsi sa tse hlahisang mesebetsi le ho phahamisa ditho tsa setjhaba sa lehae, ha ka nako e tshwanang e boetse ele sebaka se phetheselang le se bolokehileng bakeng sa dipuisano tsa setjhaba ka kgwebo , bonono, setso le bohlophisi ba mananeo a thuto

Dikgau le Diphihlello

Ka selemo sa 2017 Bushra o ile a kgethwa ke Mail & Guardian e le e mong wa Batjha ba 200 ba hlwahlwa ba Afrika Borwa

Ka 2018 e bile mohapi wa kgau ya Power Woman of the Year sehlopheng sa Boqapi

Ditshupiso

Tags:

bushra Razack Bushra Razackbushra Razack Tsa kgolong ya haebushra Razack Dikgau le Diphihlellobushra Razack Ditshupisobushra RazackKapa BophirimelaKwazulu-Natala

🔥 Trending searches on Wiki Sesotho:

BerlinRomaFilimiSayenseEmma WatsonKraljevoHepatitis BAsiaTafole ya periodikiVilniusAdolf HitlerNgoananaLupita Nyong'oMarlene DumasAce MagashuleSeswatiGambiaMusiamo wa Bokgabo bjo Bonyenyane bja Seprofešenale Henryk Jan Dominiak kua TychyBeauty and the Beast (2017 filimi)FilosofiDipapadiMaseleseDąbrowa GórniczaLenyaloSpainBurkina FasoDipuo tsa Afrika BorwaSe-dutchRussiaLisbonBoitemohoTsebo ya maikutloLefatsheMaliZimbabweUropaPulaHo ntsha mpa ho entsweng ka maikemisetsoTlhaho ya ngwanaSlovakiaHo arohanngwa ha batho SemeloDa NangFamoIndasteri ea ho Rekota ea Afrika BoroaSudanLibaka tsa ho thunyaPolandSewa se seholoBoimanaMahaleAmerika BorwaLoznicaMasepala oa Ba-PhalaborwaColouredsMajejeSantiago de ChileKurdistan🡆 More