Maselese

Maselese, o tsejwang hape ele morbilli, rubeola, kapa maselese o mofubedu, ke tshwaetso e fetisetsanwang haholo e bakwang ke vaerase ya maselese.

Matshwao a qalang a akarelletsa feberu, hangata ya motjheso o fetang 40 °C (104.0 °F), ho kgohlela, lemina, le mahlo a mafubedu. Matsatsi a mabedi kapa a mararo ka mora hore ho hlahe matshwao a qalang matheba a masweu a ka nna a hlaha ka hanong, a tsejwang ele matheba a Koplik. Lekgopho le sephara le lefubedu hangata le qala sefahlehong ebe le namela mmeleng kaofela hangata le qala matsatsi a mararo ho isa ho a mahlano ka mora hore ho qale matshwao. Matshwao a hangata a bonahala ka mora matsatsi a 10-12 ka mora hore motho a kopane le motho ya tshwaeditsweng mme a ba teng ho fihlela matsatsing a 7-10. Mathata a ba teng ho batho ba etsang 30% mme a ka nna a akarelletsa letshollo, bofofu, ho tjha ha booko le serame sa matshwafong hara tse ding. Rubella (Maselese wa Jeremane) le roseola ke malwetse a fapaneng.

Maselese ke bolwetse bo tsamayang ka moya bo fetisetsanwang habonolo ha motho ya tshwaeditsweng a kgohlela le ho thimola. O ka tshwaetsanwa hape ha o thetsa mathe kapa mamina. Batho ba robong ho ba leshome ba sa itshireletsang ba dulang le motho ya tshwaeditsweng o tla ba tshwara. Motho o tshwaetsa ba bang matsatsi a mane pele lekgopho le hlaha kapa matsatsi a mane ka mora hore le hlahe. Hangata motho o tshwarwa ke lefu lena bonyane hanngwe. Ho etsa diteko tsa vaerase ha eba ho na le seo o se belaellang ke ha bohlokwa molemong wa bophelo ba setjhaba.

Ente ya maselese e sebetsa hantle ho thibela bolwetse bona. Ho enta ho theotse sekgahla sa batho ba bolawang ke maselese ka 75% pakeng tsa 2000 le 2013 mme ke bana ba etsang 85% ba entwang hona jwale lefatsheng ka bophara. Ha ho phekolo e tobileng e fumanehang. Empa ho hlokomela motho ho ka ntlafatsa ditlamorao. Sena se ka akarelletsa ho mo nwesa motswako o kgutlisang metsi a mmele (mokedikedi o nang le tswekere le letswai), dijo tse nang le phepo le meriana e lwantshang feberu. Di-antibiotic di ka sebediswa ha eba motho a tshwaetswa ke baktheria ya serame sa matshwafong (pneumonia). Dimatlafatsi tsa Vitamin A le tsona di a kgothaletswa dinaheng tse tswetseng pele.

Maselese o tshwara batho ba ka bang dimilione tse 20 ka selemo, haholo dinaheng tse ntseng di tswela pele tsa Afrika le Asia. O baka mafu a mangata ka ho fetisisa hara malwetse a thibelwang ka ente. O bolaile batho ba 96, 000 ka 2013 mme e theohile ho ba 545, 000 ka 1990. Ka 1980, ho hakangwa hore bolwetse bona bo bolaile batho ba dimilione tse 2.6 ka selemo Pele batho ba qala ho entwa United States ho ne ho shwa batho ba dimilione tse tharo ho isa ho tse nne ka selemo. Boholo ba batho ba tshwaetswang le ba shwang baka tlaase ho dilemo tse hlano. Monyetla wa ho shwa ho ba tshwaetswang hangata ke 0.2%, empa e ka nyolohela ho 10% ho ba se nang phepo e entle. Haho dumelwe hore e tshwaetsa diphoofolo tse ding.

Litšupiso

Tags:

🔥 Trending searches on Wiki Sesotho:

MayotteMokete Shadrack ChakelaMichael JacksonMokokotlofoNigeriaDüsseldorfKaMakoshaBrnoQantasAlmazánCape St. FrancisMafetengJack in the BoxColouredsFriedrich EngelsBeseMadridAdolf HitlerRomaSe-chinaSierra LeoneLabohlanoKutloisisoGhanaIthaliTampereNorgeLaboneForaLeishmaniasisHungaryMarena a LesothoKapa de smallWalesTumeloUkraineAmerikaPacific Islands ForumKrakówVrbovskoMmino wa SesothoMediterranean SeaMinskLefubaBoeing 737CuritibaZimbabweJohann Sebastian BachMauritiusLGBT, Ditokelo Afrika BorwaSpainSenegalVredefortSwitwananisiSmashburgerTürkiyeBoimanaMangaungTunisiaMaseleseMatatieleJimmie JohnsonBasothoRed SeaMozambiki🡆 More