Lepera

Lepera, le tsejwang hape ka hore ke bolwetse ba Hansen (HD), ke tshwaentso ya nako e telele e bakuweng ke baktheria ya Mycobacterium leprae le Mycobacterium lepromatosis.

Ho tloha qalong, ditshwaetso ha di na matshwao a ho kula mme di kanna tsa dula di le jwalo ho tloha dilemong tse 5 ho isa ho tse 20. Matshwao a ho kula a hlahang a kenyeletsa ho ruruha ho honnyane ha bokantle ba methapo ya boko/methapokutlo, peipi ya ho hema, letlalo, le mahlo. Ho qetella ka ho se utlwe bohloko dithong tsa mmele mme hoo ho ka lebisa tahlehelong ya ditho tsa mmele ka lebaka la ho tswa dikotsi kgafetsa kapa tshwaetso e bakwang ke maqeba a sa elweng hloko. Bofokodi le kgaello ya pono di kanna tsa ba teng.

Lepera
Tlhophiso le mehlaodi ya kantle
Monna ya dilemo di 24 ya hlahang Norway, o ne a na le tshwaetso ya lepera, ka 1886
Monna ya dilemo di 24 ya hlahang Norway, o ne a na le tshwaetso ya lepera, ka 1886
Monna ya dilemo di 24 ya hlahang Norway, o ne a na le tshwaetso ya lepera, ka 1886
ICD/CIM-10A30 A30
ICD/CIM-9030 030
OMIM246300
DiseasesDB8478
MedlinePlus001347

Lepara le nama mahareng a batho. Ho kgolwa hore le ka etsahala ka ho kgohlola kapa ho ama lero le tswang nkong ya motho ya tshwaeditsweng. Lepera le hlaha hangata hara batho ba futsanehileng mme ho dumelwa hore le ka fetiswa ka marothodi a hlahang ho hemeng. Ho fapana le mohopolo o tlwaelehileng, ha le tshwaetse haholo ka ho ama. Mefuta e mmedi ya sehlooho ya bolwetse bona e itshetlehile palong e teng ya baktheria: paucibacillary (sehlotshwana se itseng sa dibaktheria) le multibacillary (boiyane ba dibaktheria). Mefuta e e mmedi e arolwa ka palo ya ya motswako wa mmala wa letlalo, palo ya ditlapedi tse letlalong, e nang le dihlotshwana tse hlano kapa tse ka tlase le boiyane bo fetang bohlano. Tlhahlobo ya ho kula e tiiswa ka ho etsa teko sekgohleleng ka laboratoring sekotwaneng sa letlalo sa setho sa mmele kapa ho hlahloba DNA ho sebediswa mokgwa o bitswang polymerase chain reaction.

Lepera le ka phekolwa ka kalafo e bitswang multidrug therapy (MDT). Kalafo bakeng sa lepera la paucibacillary ke ka meriana ya dapsone le rifampicin nako ya dikgwedi tse tsheletseng. Kalafo bakeng sa lepera la multibacillary ke ka meriana ya rifampicin, dapsone, le dofazimine nako ya dikgwedi tse leshome le metso e mmedi. Dikalafo tsena di fuwa mahala ke Mokgatlo wa Lefatshe wa Bophelo bo Botle. Palo e nngwe ya dilwantshadikokwanahloko e kanna ya sebediswa. Lefatshe ka bophara ka 2012, palo ya diketsahalo tsa lefu la nako e telele ya lepera e ne e le 189,000 e theohile ho tloha ho dimilione tse 5.2 dilemong tsa bo-1980. Palo ya diketsahalo tse ntjha e ne e le 230,000. Boholo ba diketsahalo tse ntjha di etsahetse dinaheng tse 16, moo India e neng e na le palo e fetang halofo ya palo e boletsweng. Dilemo tse 20 tse fetileng, dimilione tse 16 tsa batho lefatshe ka bophara ba ile ba phekolwa lepera. Diketsahalo tse 200 di tlalehwa Dinaheng tse Kopaneng tsa Amerika ka selemo.

Lepara le amme batho dilemo tse diketekete. Bolwetse bona bo fumane lebitso la bona ho tswa ho Selatini lentswe lepra, le bolelang "lekgekgefa", ha lereo lena "Hanse's disease" le reheletswe ngaka Gerhard Armauer Hansen. Ho kgetholla batho le ho ba beha ditsheng tsa balepera ho ntse ho etsahala dibakeng tse jwaloka India, China, le Afrika. Leha ho le jwalo, boholo ba ditsha di kwetswe haesale ho hlokomelwa hore lepera ha le tshwaetse ka ho ama. Sekgobo sa lepera haesale se le teng nalaneng ya ho phela ha batho, se tswela pele ho ba tshita ya ho itlaleha le kalafo ya kapele. Batho ba bang ba nka lentswe 'lepera' e le tlhapa, ba kgetha ho sebedisa polelo e reng "batho ba anngweng ke lepera". Letsatsi la Lefatshe la Lepera le ne le qalwe ka 1954 ho etsa tlhokomediso ya batho ba anngweng ke lepera.

Ditshupu

Tags:

🔥 Trending searches on Wiki Sesotho:

SpainFisiksiChadLabobeliBaelojiCoronavirusLefatsheDiphioIndiaEcuadorCanadaBulgariaLituaniaKrakeel RiverKhomputaMoshoeshoe IBoimanaEritreaTurkeyAfrikaDimelaMontehermosoDipapadiMangaungLesothoUropaMary MorrisseyMahikengVukovarMount FrereMaadingwa?KontinenteAzerbaijanIthaliDipuoHo bolotsa basadiSudanSaekolojiUkraineKraljevoBakuMaske a sefahleho nakong ea seoa sa coronavirus sa 2019-20MauritiusDanai GuriraAustriaSebeteBotswana🡆 More